People on the Move - Putting People first, setting trends
Maseru...............95.0MHz
Bara ba mofu ntate Chaltin Tsatsanyane, Mokherane le Moorosi Tsatsanyane ba tลกoeroe ke sepolesa sa Lesotho kajeno haba tseka mohaho oa bo bona oa khoebo (Bus-stop building). Monna oa Mosotho oa mabitso a Tลกepang Phangoa ea neng a sebeletsa mohahong oo ele mookameli ea lisitseng khoebo eo, o ile a tlosoa ka molao hore haa sana tokelo mohahong oo oa bo Mokherane le Moorosi, empa hoseng hoa kajeno ka hora ea botลกelela o fihlile a leleka basebetsi ba tลกireletso ba lebelang mohahong oo o pela sekoting ka boemelong ba likoloi tsa baeti. Ke moo bara ba mofu ntate Chaltin ba ileng ba ea moo ho thibela teleko eo. Hamorao ba ile ba bonoa ba qhojoa ke sepolesa sa Lesotho ba bile ba tlanngoe ho ea Maseru Central Charge office.
Maobane mantsibuea kamora hore sepolesa se ise bara ba babeli ba Tsatsanyane e leng Mokherane le Moorosi Tsatsanyane litlamong, setokising sa Maseru Central Charge Office, lekhotla ka 'Maseterata Tลกoarelo Nyai le tjebetse matjoing kopo ea sepolesa ea ho ekeletsoa nako ea ho boloka bara bao ba Tsatsanyane ...
Maobane mantsibuea kamora hore sepolesa se ise bara ba babeli ba Tsatsanyane e leng Mokherane le Moorosi Tsatsanyane litlamong, setokising sa Maseru Central Charge Office, lekhotla ka 'Maseterata Tลกoarelo Nyai le tjebetse matjoing kopo ea sepolesa ea ho ekeletsoa nako ea ho boloka bara bao ba Tsatsanyane litlamong. 'Maseterata Nyai o boletse hore kaha matsatsi a mafelo a beke e leng Moqebelo le Sontaha ha li balelloe kahara matsatsi a molao a ho boloka babelaelloa litlamong tsa sepolesa, ha hona lebaka la hore ebe sepolesa se kopa ho ekeletsoa nako. A boela a bontลกa hore le litokomane tse beiloeng kapela lekhotla ha li ea fella kaha ea bohlokoa e tsebahalang ka hore ke Affidavit haeo kopong eo ea sepolesa. Hosale joalo, kapela lekhotla, sepolesa se bontลกitse lebaka leo Mokherane le Moorosi ba tลกoeroeng ka lona e le hore ba fumane lithunya. Ke moo Moorosi a ileng a bontลกa hore eena ha se motho ea nang le sethunya ho hang ha moholoane oa hae Mokherane eena a ile a bontลกa hore tsa hae mapolesa a sa ile a li nka. Bobeli bo ntse bo le litlamong, setokising sa mapolesa 'me ba tla boela ba hlaha khotla hape ka Mantaha.